BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 35:14-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. ka tsamaya ka dillo jwaloka hola ke timeletswe ke motswalle, kapa ke ngwaneso; ka apara diaparo tsa bofifi le ho kobotela fatshe jwaloka hola ke llela mme.

15. Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.

16. Ba ikopanya mmokeng le basomi le ba jang ka diteme, ho ntsikitlanyetsa meno.

17. Morena, o tla tadima hoo ho isa kae? O lopolle bophelo ba ka ho senyeng ha bona, le moya wa ka ditawaneng!

18. Ke moo ke tla o leboha phuthehong e kgolo, ke o roke hara setjhaba se sengata.

19. O se ke wa lesa ba ikentseng dira ho nna ka bolotsana hore ba thabe ka nna, ba se ke ba nyekotsa ka mahlo ka ho ntlhoya feela!

20. Hobane kgotso e hlokwa dipolelong tsa bona, ba rera ditaba tsa ho thetsa ba bonolo ba lefatshe.

21. Ba ahlamisa melomo ya bona hodima ka, ba re: Ha! Ha! mahlo a rona a bona.

22. Le wena Jehova, o a bona! O se ke wa kgutsa! Morena, o se ke wa emela hole le nna!

23. Tsoha, o phaphame ho nkahlolela, Morena wa ka, Modimo wa ka, o lokise ditaba tsa ka!

24. O nkahlolele ka ho loka ha hao, Jehova, Modimo wa ka, ba se ke ba thaba ka nna!

25. Ba se ke ba re dipelong tsa bona: Hantle, ke kamoo re ratileng kateng; ba se ke ba re: Re mo kwentse!

26. A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!

27. Ke moo ba ratang taba e lokileng ya ka ba tla bina ba nyakaletse; ba tla re ka matsatsitsatsi: Jehova o moholo, ya ratang molemo wa mohlanka wa hae!

28. Mme leleme la ka le tla tumisa ho loka ha hao le dithoko tsa hao ka matsatsitsatsi.