BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 35:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, o tsekise ba ntsekisang, o lwantshe ba ntwantshang.

2. Nka thebe le thejana, o eme ho tla nthusa.

3. O tsomole lerumo la hao, o thibele ba mphallelang! Ere ho moya wa ka: Ke nna poloko ya hao!

4. Tshwabo le dihlong di ke di apese ba batlang moya wa ka, ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona ba rerileng tshenyeho ya ka.

5. Ba be jwaloka mooko o fefolwang ke moya, lengeloi la Jehova le ba lelekise.

6. Tsela ya bona e ke e be e lefifi, e thelle, lengeloi la Jehova le ba lelekise!

7. Hobane leha ho bo ho se molato, ba tjhekile lemena pela maoto a ka, ba tjheketse bophelo ba ka feela.

8. Tshenyeho a e ke e ba wele hodimo ka sehloho; ba ke ba tshwaswe lerabeng leo ba le patileng, ba wele teng, ba timelle ho lona!

9. Ke moo moya wa ka o tla hlasimolohela ho Jehova, o thabele poloko ya hae.

10. Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?

11. Dipaki tsa leshano di ntsohella ho mpotsisisa seo ke sa se tsebeng.