BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 31:17-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Jehova, ke se ke ka swaba, hobane ke bitsa ho wena! Ho ke ho swabe bakgopo, ba be ba kgutse nqalong ya bafu.

18. O mumufatse melomo ya leshano, e bolelang dipolelo tsa bohata ka boikgohomoso le ka nyefolo hodima ya lokileng!

19. Le leholo hakakang lereko leo o le boloketseng ba o tshabang, leo o le hlahisetsang ba itshepetseng wena pontsheng ya bana ba batho;

20. o ba sirela moriting wa sefahleho sa hao hole le merero ya batho; o ba boloka tenteng ya hao hole le ditshebo tsa leleme.

21. Ho roriswe Jehova, hobane o bonahaditse molemo wa hae ho nna, ka ho mpea motseng wa diqhobosheane.

22. Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.

23. Ratang Jehova, lona bakgethwa bohle ba hae! Jehova o boloka batshepehi, o otla baikgohomosi ka ho fetisisa.

24. Betang dipelo, le tiye, lona kaofela ba itshepelang Jehova!