BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 31:15-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Matsatsi a ka a letsohong la hao, o nkgule letsohong la bao e leng dira ho nna, le ho ba mphallelang!

16. O kgantshetse sefahleho sa hao hodima mohlanka wa hao! O mpoloke ka baka la mehauhelo ya hao! O mpoloke ka baka la mehauhelo ya hao!

17. Jehova, ke se ke ka swaba, hobane ke bitsa ho wena! Ho ke ho swabe bakgopo, ba be ba kgutse nqalong ya bafu.

18. O mumufatse melomo ya leshano, e bolelang dipolelo tsa bohata ka boikgohomoso le ka nyefolo hodima ya lokileng!

19. Le leholo hakakang lereko leo o le boloketseng ba o tshabang, leo o le hlahisetsang ba itshepetseng wena pontsheng ya bana ba batho;

20. o ba sirela moriting wa sefahleho sa hao hole le merero ya batho; o ba boloka tenteng ya hao hole le ditshebo tsa leleme.

21. Ho roriswe Jehova, hobane o bonahaditse molemo wa hae ho nna, ka ho mpea motseng wa diqhobosheane.

22. Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.

23. Ratang Jehova, lona bakgethwa bohle ba hae! Jehova o boloka batshepehi, o otla baikgohomosi ka ho fetisisa.

24. Betang dipelo, le tiye, lona kaofela ba itshepelang Jehova!