BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 27:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova ke lesedi la ka le poloko ya ka; nka tshoha mang? Jehova ke qhobosheane ya bophelo ba ka; nka thothomela pela mang?

2. Ba bolotsana, bao e leng dira ho nna, le bahanyetsi ba ka, ha ba tswela ho nna ho ja nama ya ka, ba kgoptjwa, ba wa.

3. Leha lekgotla la dira le ka tla ho lalla pela ka, pelo ya ka e ke ke ya tshoha; leha ntwa e ka mphutuhela, le teng ke sa tletse tshepo.

4. Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.

5. Hobane o tla mpata tabernakeleng ya hae ka matsatsi a mabe, a nkamohele tshirelong ya tente ya hae, a mphahamise hodima lefika.

6. Mme jwale, hlooho ya ka e tla okamela dira tse ntikileng, ke tla hlahisa mahlabelo a thabo tenteng ya hae, ke roke, ke rorise Jehova.

7. Jehova, o mamele ha ke howeletsa ka lentswe la ka! O nkgauhele, o be o nkarabe!

8. Pelo ya ka e nkgopotsa ha o itse: Batlang sefahleho sa ka! Le jwale, Jehova, ke batla sefahleho sa hao.

9. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, o se ke wa leleka mohlanka wa hao ka kgalefo! O thuso ya ka! O se ke wa ntahla, o se ke wa ntlohela, Modimo wa poloko ya ka!

10. Leha ntate le mme ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.

11. Jehova, o mpontshe tsela ya hao, o ntsamaise tseleng e lokileng, ka baka la bao e leng dira ho nna.