BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 25:7-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!

8. O nkelellwe ka lereko la hao ka baka la mohau wa hao, Jehova!

9. Jehova o molemo, o lokile; ke ka baka leo a bontshang baetsadibe tsela, a tsamaisang ho lokeng ba bonolo pelong, a ba rutang tsela ya hae.

10. Ditsela tsa Jehova kaofela ke mohau le nnete ho bohle ba bolokang selekane sa hae le ditaelo tsa hae.

11. Ka baka la lebitso la hao, Jehova, o ntshwarele bokgopo ba ka, leha bo le boholo.

12. Na motho ke ofe ya tshabang Jehova? Jehova o tla mmontsha tsela eo a tshwanetseng ho ikgethela yona.

13. Moya wa hae o tla iketla lehlohonolong, ditloholo tsa hae di tla rua lefatshe.

14. Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.

15. Mahlo a ka a tadima Jehova kamehla, hobane o tla tshwasolla maoto a ka lerabeng.

16. Jehova, o retelehele ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, ke madimabe!

17. Matswalo a pelo ya ka a eketsehile; o ntokolle tsietsing tsa ka.