BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 25:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho Jehova, ke phahamisetsa moya wa ka ho wena.

2. Modimo wa ka, ke beile tshepo ya ka ho wena; oho, ke se ke ka swaba! bao e leng dira ho nna ba tle ba se ke ba thaba ka nna!

3. E mong le e mong ya itshepetseng wena, a ke ke a swaba; tshwabo ke ya ba iketsetsang bolotsana ka boomo.

4. Jehova, mpontshe ditsela tsa hao, o nthute mekgwa ya hao.