BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 24:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ya ka dulang sehalalelong sa hae?

4. Ke ya matsoho a se nang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa ineeleng leshano, ya sa hlapanyeng ho ya thetsa.

5. Motho ya jwalo o tla bona hlohonolofatso ho Jehova, le ho loka ho Modimo, Mmoloki wa hae.

6. Ke eo kabelo ya ba itlhahisang ho yena, ba batlang sefahleho sa hao, Modimo wa Jakobo. (Sela.)

7. Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya!

8. Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova ya matla, ya sa sitweng ke letho, Jehova ya matla ntweng.

9. Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya!