14. Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;
15. matla a ka a omile jwaloka lengeta, leleme la ka le manne mahalapeng a ka, o nthobaditse leroleng la lefu.
16. Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.
17. Nka bala masapo a ka kaofela; bona, ba ntadima, ba kgodisa mahlo a bona ka nna.
18. Ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola kobo ya ka.
19. Empa, wena, Jehova, o se ke wa suthela hole le nna! Wena, o leng matla a ka, o phakise ho nthusa!
20. O lwele bophelo ba ka lerumong, ke bona feela bo setseng ho nna, o bo lwele marong a dintja.
21. O nkgule molomong wa tau, o nkarabe ka ho mpholosa dinakeng tsa dinare.
22. Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho.
23. Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!
24. Hobane ha a ka a nyedisa, ha a ka a kgesa bohlomohi ba ya hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a nna a mamela mehoo eo a neng a e phahamisetsa ho yena.
25. O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.
26. Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.
27. Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;
28. hobane mmuso ke wa Jehova, ke yena ya renang hodima ditjhaba.
29. Ba jang menono ya lefatshe ba tla tla, ba je, ba rapele; o tla kgumamelwa ke bohle ba theohelang leroleng, le ke ba sitwang ho iphedisa.