BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 22:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O emelang thoko, o tle o se ke wa mpoloka, o se ke wa nkutlwa ha ke howeletsa?

2. Modimo wa ka, ke bitsa motshehare, mme ha o arabe; le bosiu, mme ha ke bone phomolo.

3. Leha ho le jwalo, o Mohalaledi; dithoko tsa Iseraele di teela terone ya hao hare.

4. Bontata rona ba nna ba bea tshepo ya bona ho wena, ba bea tshepo ya bona, mme wa ba pholosa;

5. ba phahamisetsa mehoo ya bona ho wena, mme ba phonyoha; ba itshepela wena, mme ha ba ka ba swaba.

6. Empa nna, ke seboko, ha ke motho; ke mojaradihlong ho batho, le molahluwa wa setjhaba.