BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 21:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. hobane o mo entse ya lehlohonolo ka ho sa feleng, wa mo nyakalatsa ka sefahleho sa hao.

7. Hobane morena o itshepetse Jehova; ka kgauhelo ya Mookamedi ya phahameng, a ke ke a sisinyeha.

8. Letsoho la hao le tla tshwara dira tsa hao kaofela; letsoho le letona la hao le tla fihlela ba o hloileng.

9. O tla ba etsa ba be jwaloka sebopi se tukileng, tsatsing leo o hlahang ka lona; Jehova o tla ba fedisa ka kgalefo ya hae, mme ba tla tjheswa ke mollo;

10. o tla fedisa moloko wa bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho;

11. hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla;

12. o tla ba balehisa ka ho lebisa seqha sa hao difahlehong tsa bona.

13. Tsoha, Jehova, ka matla a hao! Re rata ho bina le ho rorisa diketso tsa hao tse phahameng.