BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 20:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. A ke a hopole dinyehelo tsa hao kaofela, a amohele ditjheso tsa hao! (Sela.)

4. A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!

5. Etlaba moo re thabelang hlolo ya hao; ka lebitso la Modimo wa rona re tla emisa difolaga tsa rona. Jehova a ke a o fe tsohle tseo o di qelang.

6. Le jwale ke a tseba hobane Jehova o pholosa motlotsuwa wa hae; o tla mo araba a le lehodimong la hae le halalelang, ka diketso tse matla tsa letsoho la hae le letona.

7. Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;

8. bona, ba kobeha, ba wa; empa rona, re tla tiya, re eme.

9. Jehova, boloka morena! o ke o re utlwe, ha re o rapela!