BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 2:8-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Kopa ho nna, mme ke tla o fa ditjhaba e be lefa la hao, le dipheletso tsa lefatshe e tle e be leruo la hao.

9. O tla di thumakanya ka molamu wa tshepe, o di silakanye jwaloka pitsa ya letsopa.

10. Jwale he, marena, hlalefang; le lona, baahlodi ba lefatshe, le eletswe!

11. Sebeletsang Jehova ka tshabo, mme le thabe le ntse le thothomela!

12. Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!