BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 2:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Na ditjhaba di dumadumelang, mme batho ba rerelang tsa lefeela?

2. Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?

3. Ba re: A re kgaoleng ditlamo tsa bona, re kwele mehala ya bona.

4. Ya dutseng mahodimong o a ba tseha, Jehova o soma ka bona,

5. o bua le bona ka bohale, o ba tsielehisa kgalefong ya hae,

6. o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!

7. A nke ke phethe morero; Jehova o itse ho nna: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.

8. Kopa ho nna, mme ke tla o fa ditjhaba e be lefa la hao, le dipheletso tsa lefatshe e tle e be leruo la hao.

9. O tla di thumakanya ka molamu wa tshepe, o di silakanye jwaloka pitsa ya letsopa.

10. Jwale he, marena, hlalefang; le lona, baahlodi ba lefatshe, le eletswe!