BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 18:44-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

44. ha ba utlwa taelo ya ka, ba nkutlwa hanghang, bara ba baditjhaba ba nqeka;

45. bara ba ditjhaba ba tepeletse, ba tswa diqhobosheaneng tsa bona ba thothomela.

46. Jehova a ke a phele, lefika la ka le ke le roriswe!

47. Modimo wa poloko ya ka o ke o hodiswe, Modimo o mpheteletsang, o nkokobeletsang ditjhaba,

48. o nnamolelang direng tsa ka! O mphahamisitse hodima ba neng ba ntwantsha, o mphonyohisitse ho monna ya bohale!

49. Ka baka leo, Jehova, ke tla o roka hara ditjhaba, ke rorise kganya ya lebitso la hao.

50. O sitsa morena wa hae ka poloko e kgolo, o etsa mohau ho motlotsuwa wa hae, ho Davida, le ho moloko wa hae ka ho sa feleng!