BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 18:29-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ka wena nka nehella lekgotleng la dira, ka Modimo wa ka nka tlola lerako.

30. Ditsela tsa Modimo di lokile; lentswe la Jehova le tshekehile; ke thebe ho bohle ba itshepetseng yena.

31. Ke mang e leng Modimo, haese Jehova? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?

32. Ke Modimo o ntlamileng ka senyepa sa matla, mme o ntsamaisa ka tsela e lokileng.

33. O entse maoto a ka a kang a kgama e tshehadi, o mpeile diphahameng tsa ka.

34. O ruta matsoho a ka ntwa, mme matsoho a ka a tjheba seqha sa koporo.

35. O nneile thebe ya poloko ya hao, letsoho la hao le letona le ntse le ntiisa, mme lereko la hao le nkgodisitse.

36. O neile mehato ya ka sebaka; maoto a ka ha a thelle.

37. Ke phalletse dira tsa ka, ke di timeditse; ha ke a ka ka kgutla, ke eso ho di qete.

38. Ka di katakela, tsa sitwa ho tsoha, tsa wa katlasa maoto a ka.

39. O ntlamile ka matla ke tle ke lwane, wa nkokobeletsa ba ntsohetseng matla.

40. O ntadimisitse mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.

41. Ba howa, empa monamoledi a ba siyo; ba howeletsa ho Jehova, mme ha a ka a araba.

42. Ka ba silakanya jwaloka lerole le nkwang ke moya, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.

43. O nnamoletse le mohla diphaphang tsa setjhaba, wa mpea hlooho ya ditjhaba; setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe se a ntshebeletsa;