BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 18:17-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. A nnamolela ho sera sa ka se matla, le ho ba ntlhoileng ba mphetang ka matla.

18. Ba ne ba mpatetse mohla ke leng tsietsing, Jehova ya mpa ya eba seikokotlelo sa ka.

19. A nntshetsa sebakeng, a mpholosa; hobane a ne a nthata.

20. Jehova o nkentse ka ho loka ha ka, mme o mpuseditse ka ho hlweka ha matsoho a ka.

21. Hobane ke bolokile ditsela tsa Jehova, mme ha ke a ka ka kwenehela Modimo wa ka.

22. Dikahlolo tsohle tsa hae tsa nna tsa eba pela ka, mme ha ke a ka ka furalla melao ya hae.

23. Ke hlokile ho nyatseha ho yena, ke itisitse hore ke se ke ka iketsa ya molato.

24. Ka baka leo, Jehova o mputsitse ka ho loka ha ka, le ka ho hlweka ha diatla tsa ka mahlong a hae.

25. Ya molemo o mo etsetsa molemo; monna ya lokileng o mo etsa ka ho loka;

26. ya hlwekileng o mo etsa ka ho hlweka ha hae, ya kgopo o mo etsa ka bokgopo ba hae.

27. Setjhaba se ikokobetsang o a se pholosa, mme o kokobetsa mahlo a phahameng.

28. Le jwale o kgantsha lebone la ka; Jehova, Modimo wa ka, o edisa lefifi la ka.

29. Ka wena nka nehella lekgotleng la dira, ka Modimo wa ka nka tlola lerako.

30. Ditsela tsa Modimo di lokile; lentswe la Jehova le tshekehile; ke thebe ho bohle ba itshepetseng yena.

31. Ke mang e leng Modimo, haese Jehova? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?

32. Ke Modimo o ntlamileng ka senyepa sa matla, mme o ntsamaisa ka tsela e lokileng.