BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 18:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. A re:Ke tla o rata haholo, Jehova, wena o leng matla a ka,

2. wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!

3. Ke howeletsa, ke re: Jehova a ke a bokwe! mme ke namolelwa ho dira tsa ka.

4. Ditlamo tsa lefu di na be di nkopetse hare, diphororo tsa tshenyo di ne di ntshositse.

5. Marapo a lebitla a ne a ntikile, ke ne ke tshwasitswe mameneng a lefu.

6. Matswalong a ka ka bitsa ho Jehova, ka phahamisetsa mehoo ya ka ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mohoweletso wa ka wa finyella pela hae ditsebeng tsa hae.

7. Yaba lefatshe le a reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya keqa, ya sisinyeha, hobane a ne a halefile.

8. Ha nyoloha mosi dinkong tsa hae, le mollo o timeletsang molomong wa hae; a phutsa mashala a hlenneng.

9. A namisa mahodimo, a theoha, lefifi le letenya le le tlasa maoto a hae.