BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 17:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Maoto a ka a tiile mehlaleng ya hao, maoto a ka ha a thekesele.

6. Oho Modimo, ke bitsa ho wena, hobane o a nkutlwa; sekehela tsebe ho nna, o mamele polelo ya ka.

7. O bonahatse mehauhelo ya hao, wena ya bolokang ya tshabelang ho wena ka letsoho le letona la hao, ka baka la ba mo lwantshang!

8. O mpoloke jwaloka thaka ya leihlo la hao,

9. o mpate tlasa mapheo a hao, ho ba babe ba ntsohelang matla, le ho dira tse batlang bophelo ba ka, tse nkopetseng ka bohale.

10. Ba ikwalla dipelo tsa bona tse nonneng, ka melomo ya bona ba ipuella ka boikakaso.

11. Ba teetse metsamao ya rona hare, ba hlwela ka mahlo ho re dihela fatshe;

12. ba jwaloka tau e lakatsang ho harola, le jwaloka tawana e laletseng letsabeng la yona.

13. Tsoha, Jehova, o ba futuhele, o ba dihe! O mpoloke ka lerumo la hao ho bakgopo;

14. ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.

15. Haele nna, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, mme ha ke phaphama, ke tla kgora sefahleho sa hao.