BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 16:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho Modimo, o mpoloke, hobane ke tshabela ho wena.

2. Ke itse ho Jehova: Ke wena Morena wa ka; kantle ho wena ha ke na leruo le fetisang ka boholo.

3. Bakgethehi ba lefatsheng, banna ba borapedi ba sebele, ke bao ke kgahlwang ke bona.

4. Ho atiswa medimo ya bohata, ho nyehellwa medimo esele. Nke ke ka hlahisa ditshelo tsa yona tsa madi, mabitso a yona a ke ke a hlaha melomong ya ka.

5. Jehova ke kabelo ya ka, ke mohope oo ke o abetsweng; ke wena ya ntiiselletsang lefa la ka.