BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 145:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ke tla nahana bokgabane le kganya ya boholo ba hao, le diketso tse hlollang tsa hao.

6. Ho ke ho bolelwe matla a diketso tse tshabehang tsa hao, mme ke bolele le boholo ba hao.

7. Ho ke ho tumiswe kgopolo ya lereko la hao le leholo, ho rokwe ho loka ha hao.

8. Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o hauhela haholo ho fetisisa.

9. Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ya hae e aparetse mesebetsi yohle ya hae.

10. Jehova, mesebetsi ya hao kaofela e tla o rorisa, bakgethwa ba hao ba o boke.

11. Ba tla bolela kganya ya mmuso wa hao, ba tumise matla a hao,

12. ba tle ba tsebise bana ba batho diketso tsa hao tse phahameng, le boholo ba kganya ya borena ba hao.

13. Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, mme borena ba hao bo hlola ho isa melokong e sa feleng.

14. Jehova o kokotledisa bohle ba kgothometsehang, o emisa ba inamisitsweng.

15. Mahlo a dibopuwa kaofela a lebeletse wena, o di fa dijo ka nako e tshwanetseng.