BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 145:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, mme borena ba hao bo hlola ho isa melokong e sa feleng.

14. Jehova o kokotledisa bohle ba kgothometsehang, o emisa ba inamisitsweng.

15. Mahlo a dibopuwa kaofela a lebeletse wena, o di fa dijo ka nako e tshwanetseng.

16. O fuparolla seatla sa hao, o kgodisa tse utlwang kaofela.

17. Jehova o lokile ditseleng tsa hae tsohle, o mohau diketsong tsa hae tsohle.

18. Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka nnete.

19. O fa ba mo tshabang ho ratwang ke bona, o utlwa mehoo ya bona, mme o a ba lopolla.

20. Jehova o boloka bohle ba mo ratang, empa o fedisa ba babe kaofela.

21. Molomo wa ka a o ke o bolele dithoko tsa Jehova, dibopuwa tsohle di ke di boke lebitso la hae le kgethehileng kamehla le mehla.