BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 144:10-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. wena ya neang marena poloko, wena ya namoletseng mohlanka wa hao, Davida lerumong le bolayang.

11. O ntopolle, o nntshe letsohong la bana ba baditjhaba, bao molomo wa bona o bolelang lefeela, bao letsoho le letona la bona e leng letsoho la thetso.

12. Ekare ha bara ba rona ba hola botjheng ba bona jwaloka dimela, mme baradi ba rona ba le jwaloka ditshiya tse dintlha tse kgabisitsweng ka mokgwa wa matlo a borena;

13. mediko ya rona ha e tletse dijo tsa mefuta yohle; makgomo a rona ha a atile ka dikete, a fula metebong ya rona ka mashome a dikete;

14. marole a rona ha a tswala, mme dikgeo, le ho patelwa, le mekgosi mapatlelong a rona di le siyo:

15. ho lehlohonolo setjhaba seo ho leng jwalo ho sona! Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona!