BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 144:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho bokwe Jehova, lefika la ka, ya rutang matsoho a ka ntwa, le menwana ya ka hlabano;

2. ke thuso ya ka, le qhobosheane ya ka, tora ya ka e phahameng, le monamoledi wa ka, thebe ya ka, le palehelo ya ka; ke yena ya kokobetsang setjhaba sa katlasa ka.

3. Jehova, motho keng, ha o tla mo tseba, le ngwana motho, ha o tla mo hlokomela?

4. Motho o tshwana le pudulo, mme matsatsi a hae a ka leswiti le fetang.

5. Jehova, sekamisa mahodimo a hao, o theohe; o ame dithaba, di kubelle!

6. Tjhatjhamedisa mahadima, o ba qhalanye; o phose metsu ya hao, o ba timetse!

7. Nanabetsa matsoho a hao, o dutse phahameng, o ntopolle, o nnyolle metsing a maholo, o nntshe letsohong la bana ba baditjhaba,

8. bao molomo wa bona o bolelang lefeela, bao tsoho le letona la bona e leng letsoho la thetso.

9. Oho Modimo, ke rata ho o binela sefela se setjha, ke rata ho o rorisa ka thomo ya dikgole tse leshome,

10. wena ya neang marena poloko, wena ya namoletseng mohlanka wa hao, Davida lerumong le bolayang.

11. O ntopolle, o nntshe letsohong la bana ba baditjhaba, bao molomo wa bona o bolelang lefeela, bao letsoho le letona la bona e leng letsoho la thetso.