BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 143:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, utlwa thapelo ya ka; o sekehele thapedisiso ya ka tsebe. Nkarabe ka baka la botshepehi ba hao le la ho loka ha hao,

2. o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.

3. Hobane sera se hlorisa moya wa ka, se hatile bophelo ba ka fatshe, se nkgarameletsa nqalong e lefifi ho ba shweleng e seng e le kgale.

4. Moya wa ka o tepeletse ka ho nna, pelo ya ka e ferekane kahare ho nna.

5. Ke elellwa mehla ya kgale, ke hopola tseo o di entseng kaofela, ke nahana tsohle tseo matsoho a hao a di sebeditseng.

6. Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)

7. Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.