BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 140:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ke ntse ke re ho Jehova: O Modimo wa ka. Jehova, o sekehele lentswe la dithapedisiso tsa ka tsebe!

7. Jehova Morena, matla a poloko ya ka, o sirela hlooho ya ka ka letsatsi la ntwa.

8. Jehova, o se ke wa fa e mobe kamoo a lakatsang kateng; o se ke wa netafatsa morero wa hae, esere a ithorise hampe. (Sela.)

9. Ba ntikang a ba ke ba welwe ke ditshokelo tse tswileng melomong ya bona!

10. Mashala a hlenneng a ke a hlohlorehele hodima bona! Ba ke ba dihelwe malakabeng le mohomeng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.

11. Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.

12. Ke tseba hobane Jehova o ahlolela mohlomohi le hobane o lokisetsa ya lesitsi.

13. E, ba lokileng ba tla rorisa lebitso la hao; batho ba nang le ho loka ba tla nne ba hlole pela hao.