BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 140:10-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Mashala a hlenneng a ke a hlohlorehele hodima bona! Ba ke ba dihelwe malakabeng le mohomeng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.

11. Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.

12. Ke tseba hobane Jehova o ahlolela mohlomohi le hobane o lokisetsa ya lesitsi.

13. E, ba lokileng ba tla rorisa lebitso la hao; batho ba nang le ho loka ba tla nne ba hlole pela hao.