BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 135:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bokang Jehova.Rorisang lebitso la Jehova; mo roriseng, lona, bahlanka ba Jehova,

2. ba emang ka tlung ya Jehova, mabaleng a ntlo ya Modimo wa rona!

3. Rorisang Jehova, hobane Jehova o molemo; le roke lebitso la hae, hobane ke ntho e ratehang.

4. Hobane Jehova o ikgethetse Jakobo, Iseraele a be lefa la hae.

5. Hobane ke tseba hoba Jehova o moholo, Morena wa rona o moholo haholo ho fetisa medimo yohle;

6. seo a se ratang kaofela Jehova o se etsa mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng kaofela.

7. Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;

8. ke yena ya neng a otle matsibolo a Egepeta, ho qala ka batho ho isa ho makgomo.