BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 132:9-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Baprista ba hao a ba ke ba apare ho loka, bakgethwa ba hao ba tshele mehoo ya thabo!

10. Ka baka la Davida, mohlanka wa hao, o se ke wa furalla motlotsuwa wa hao!

11. Jehova o entse hlapanyo ya nnete ho Davida, a ke ke a e kwenehela; o itse: Ke tla bea mora ya tswetsweng ke wena teroneng ya hao.

12. Ekare ha bara ba hao ba boloka selekane sa ka, le melao eo ke ba rutang yona, le bona bana ba bona ba tla nne ba dule teroneng ya hao kamehla.

13. Hobane Jehova o ikgethetse Sione, o ratile ho tla ikahela teng, a re:

14. Mona ke nqalo ya phomolo ya ka ka ho sa feleng; ke rata ho aha teng; hobane ke ikgethetse yona.

15. Ke tla e fa nala, ba lesitsi ba yona ke ba kgorise bohobe.

16. Ke tla apesa baprista ba yona ka poloko, bakgethwa ba yona ba tshele ditlatse tsa thabo.

17. Ke tla medisetsa Davida lenaka ho yona, ke lokisetse motlotsuwa wa ka lebone.

18. Ke tla apesa dira tsa hae ka dihlong, moqhaka wa hae o tla kganya hloohong ya hae.