BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 132:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, hopola Davida le dihloreho tsa hae kaofela,

2. le kamoo a hlapantseng ho Jehova kateng, le kamoo a anneng ho Modimo o matla wa Jakobo kateng,

3. a re: Nke ke ka boela ka kena ka tlung ya ka, mme nke ke ka phomola diphateng tsa ka,

4. nke ke ka neela mahlo a ka boroko le dintshi tsa ka thobalo,

5. ha ke eso ho bonele Jehova nqalo, le Modimo o matla wa Jakobo tabernakele.

6. Bona, ra na ra utlwa areka ha e bolelwa Efrata, ra e fumana naheng ya Jaare.

7. A re keneng tabernakeleng ya hae, a re kgumameng pela bonamelo ba maoto a hae!

8. Tsoha, Jehova, o kene nqalong ya phomolo ya hao, wena le areka ya bokgabane ba hao.

9. Baprista ba hao a ba ke ba apare ho loka, bakgethwa ba hao ba tshele mehoo ya thabo!

10. Ka baka la Davida, mohlanka wa hao, o se ke wa furalla motlotsuwa wa hao!

11. Jehova o entse hlapanyo ya nnete ho Davida, a ke ke a e kwenehela; o itse: Ke tla bea mora ya tswetsweng ke wena teroneng ya hao.

12. Ekare ha bara ba hao ba boloka selekane sa ka, le melao eo ke ba rutang yona, le bona bana ba bona ba tla nne ba dule teroneng ya hao kamehla.

13. Hobane Jehova o ikgethetse Sione, o ratile ho tla ikahela teng, a re: