BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 129:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo,

2. — Israele a ke a rialo! — esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhola.

3. Balemi ba lemile mokokotlo wa ka, ba isitse maselatsela a bona halelele.

4. Jehova o lokile, o kgaotse mehala ya ba babe.

5. A ba ke ba hlabiswe dihlong, ba suthe kasanthao, bohle ba hloileng Sione.