BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:95-107 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

95. Ba babe ba ntaletse ho ntimetsa; ke mpa ke ela dikeletso tsa hao hloko.

96. Ke bone bofelo ho dintho tsohle tse phethehileng, empa taelo tsa hao ha di na moo di kgutlang teng.

97. MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.

98. Ditaelo tsa hao di ntlhalefisa haholo ho fetisa dira tsa ka, hobane di na le nna kamehla.

99. Ke na le kutlwisiso e fetisang ya ba nthutang kaofela, hobane dikeletso tsa hao ke nahano ya ka.

100. Ke fetisa ba hodileng ka kutlwisiso, kahobane ke boloka ditemoso tsa hao.

101. Ke faposa leoto la ka tseleng tsohle tse mpe, ke tle ke boloke lentswe la hao.

102. Ha ke fapohe ditaelo tsa hao, kahobane ke wena ya nthutang.

103. Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka.

104. Ke fihlela kelello ditemosong tsa hao, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano ke hona.

105. NUN. Lentswe la hao ke lebone la maoto a ka, ke lesedi tseleng ya ka.

106. Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao.

107. Jehova, ke hlomohile haholo; o ke o mphedise kamoo lentswe la hao le boletseng kateng.