BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:9-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.

10. Ke o batla ka pelo ya ka yohle; o etse hore ke se ke ka kgeloha ditaelo tsa hao.

11. Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.

12. O bokwe, Jehova! Nthute dikomelo tsa hao!

13. Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao.