BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:85-102 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

85. Baikgohomosi ba ntjhekela mamena, e leng ba sa yeng ka molao wa hao.

86. Ditaelo tsa hao kaofela ke nnete. Ba ntlhorisa feela; o ke o nthuse!

87. Ba batlile ho ntimetsa, ba ne ba se ba nthapaladitse fatshe; empa ha ke tlohele ditemoso tsa hao.

88. O mphedise ka mohau wa hao, ke tle ke boloke dikeletso tsa molomo wa hao!

89. LAMED. Jehova, lentswe la hao le hlola mahodimong ka ho sa feleng;

90. botshepehi ba hao bo hlola ditloholong le ditloholwaneng. O theile lefatshe, mme le tiile;

91. le kajeno, tsohle di sa ntse di eme ka melao ya hao, hobane dintho tsohle di tlasa hao.

92. Hola molao wa hao o sa ka wa nthabisa, nka be ke fedile bomadimabeng ba ka.

93. Nke ke ka lebala ditemoso tsa hao le ka mohla o le mong, hobane o mphedisitse ka tsona.

94. Ke wa hao; o ntopolle! etswe ke batla ditemoso tsa hao.

95. Ba babe ba ntaletse ho ntimetsa; ke mpa ke ela dikeletso tsa hao hloko.

96. Ke bone bofelo ho dintho tsohle tse phethehileng, empa taelo tsa hao ha di na moo di kgutlang teng.

97. MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.

98. Ditaelo tsa hao di ntlhalefisa haholo ho fetisa dira tsa ka, hobane di na le nna kamehla.

99. Ke na le kutlwisiso e fetisang ya ba nthutang kaofela, hobane dikeletso tsa hao ke nahano ya ka.

100. Ke fetisa ba hodileng ka kutlwisiso, kahobane ke boloka ditemoso tsa hao.

101. Ke faposa leoto la ka tseleng tsohle tse mpe, ke tle ke boloke lentswe la hao.

102. Ha ke fapohe ditaelo tsa hao, kahobane ke wena ya nthutang.