BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:84-96 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

84. Na matsatsi a mohlanka wa hao a sa tla ba makae? O tla ntokisetsa neng ho bahlorisi ba ka?

85. Baikgohomosi ba ntjhekela mamena, e leng ba sa yeng ka molao wa hao.

86. Ditaelo tsa hao kaofela ke nnete. Ba ntlhorisa feela; o ke o nthuse!

87. Ba batlile ho ntimetsa, ba ne ba se ba nthapaladitse fatshe; empa ha ke tlohele ditemoso tsa hao.

88. O mphedise ka mohau wa hao, ke tle ke boloke dikeletso tsa molomo wa hao!

89. LAMED. Jehova, lentswe la hao le hlola mahodimong ka ho sa feleng;

90. botshepehi ba hao bo hlola ditloholong le ditloholwaneng. O theile lefatshe, mme le tiile;

91. le kajeno, tsohle di sa ntse di eme ka melao ya hao, hobane dintho tsohle di tlasa hao.

92. Hola molao wa hao o sa ka wa nthabisa, nka be ke fedile bomadimabeng ba ka.

93. Nke ke ka lebala ditemoso tsa hao le ka mohla o le mong, hobane o mphedisitse ka tsona.

94. Ke wa hao; o ntopolle! etswe ke batla ditemoso tsa hao.

95. Ba babe ba ntaletse ho ntimetsa; ke mpa ke ela dikeletso tsa hao hloko.

96. Ke bone bofelo ho dintho tsohle tse phethehileng, empa taelo tsa hao ha di na moo di kgutlang teng.