BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:7-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ke tla o roka ka pelo e lokileng, ha ke ntse ke ithuta dikahlolo tsa ho loka ha hao.

8. Ke rata ho boloka dikomelo tsa hao: o se ke wa ntlohella ruri!

9. BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.

10. Ke o batla ka pelo ya ka yohle; o etse hore ke se ke ka kgeloha ditaelo tsa hao.

11. Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.

12. O bokwe, Jehova! Nthute dikomelo tsa hao!

13. Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao.

14. Ke ithabela tseleng ya dikeletso tsa hao, jwaloka hoja eka ke ruile maruo kaofela.

15. Ke rata ho nahana ditemoso tsa hao, le ho bea ditsela tsa hao pela mahlo a ka.

16. Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.

17. GIMEL. O etse mohlanka wa hao hantle, ke tle ke phele, ke boloke lentswe la hao.

18. O tutubolle mahlo a ka, ke tle ke bohisise mehlolo e patilweng molaong wa hao.

19. Ke osele lefatsheng, o se ke wa mpatela ditaelo tsa hao.

20. Moya wa ka o robehile ke ho hlolohelwa ditaelo tsa hao kamehla.

21. O laya baikakasi, e leng batho ba rohakilweng, ba fapohang ditaelo tsa hao.

22. O ke o tlose sekgobo le nyediso ho nna, kahobane ke boloka dikeletso tsa hao!

23. Esita le marena a dutse ho rera morero wa ho ntwantsha; mohlanka wa hao o nahana dikomelo tsa hao.

24. Dikeletso tsa hao le tsona ke menyaka ya ka le baeletsi ba ka.