BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:57-72 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

57. KHETH. Jehova ke kabelo ya ka; ke re ke tla boloka mantswe a hao.

58. Ke batlile sefahleho sa hao ka pelo yohle ya ka; o nkgauhele ka pallo ya hao.

59. Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao.

60. Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.

61. Meqetjhe ya ba babe e nteetse hare; empa ha ke lebale molao wa hao.

62. Ke tsoha bosiu bo boholo ho o rorisa, bakeng sa dikahlolo tsa ho loka ha hao.

63. Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao.

64. Jehova, lefatshe le tletse mohau wa hao; o nthute dikomelo tsa hao!

65. TETH. Jehova, o etsetsa mohlanka wa hao molemo kamoo o mmaletseng kateng.

66. O nthute kutlwisiso e ntle le tsebo, hobane ke dumetse ditaelo tsa hao.

67. Ha ke ne ke eso ho kokobetswe, ka na ka kgeloha; empa jwale, ke ela lentswe la hao hloko.

68. O molemo, o a fana; o nthute dikomelo tsa hao.

69. Baikakasi ba nketselletsa ka leshano; empa nna, ke boloka ditemoso tsa hao ka pelo ya ka yohle.

70. Pelo tsa bona di nonne mafura; nna, ke ithabisa ka molao wa hao.

71. Ho molemo ho nna ha ke bile ka kokobetswa, ke tle ke ithute ho mamela dikomelo tsa hao.

72. Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.