BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:55-68 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

55. Ka bosiu, ke hopola lebitso la hao, Jehova, ke boloka molao wa hao.

56. Se ntokelang, ke hore ke boloke ditemoso tsa hao.

57. KHETH. Jehova ke kabelo ya ka; ke re ke tla boloka mantswe a hao.

58. Ke batlile sefahleho sa hao ka pelo yohle ya ka; o nkgauhele ka pallo ya hao.

59. Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao.

60. Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.

61. Meqetjhe ya ba babe e nteetse hare; empa ha ke lebale molao wa hao.

62. Ke tsoha bosiu bo boholo ho o rorisa, bakeng sa dikahlolo tsa ho loka ha hao.

63. Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao.

64. Jehova, lefatshe le tletse mohau wa hao; o nthute dikomelo tsa hao!

65. TETH. Jehova, o etsetsa mohlanka wa hao molemo kamoo o mmaletseng kateng.

66. O nthute kutlwisiso e ntle le tsebo, hobane ke dumetse ditaelo tsa hao.

67. Ha ke ne ke eso ho kokobetswe, ka na ka kgeloha; empa jwale, ke ela lentswe la hao hloko.

68. O molemo, o a fana; o nthute dikomelo tsa hao.