BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:51-59 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

51. Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao.

52. Jehova, ke elellwa dikahlolo tsa hao tsa kgale, ke a itshedisa.

53. Pelo ya ka e tshwarwa ke ho phophoma, ha ke bona ba babe ba tlohela molao wa hao.

54. Dikomelo tsa hao di hlahisa dipina tsa ka ka tlung ya boeti ba ka.

55. Ka bosiu, ke hopola lebitso la hao, Jehova, ke boloka molao wa hao.

56. Se ntokelang, ke hore ke boloke ditemoso tsa hao.

57. KHETH. Jehova ke kabelo ya ka; ke re ke tla boloka mantswe a hao.

58. Ke batlile sefahleho sa hao ka pelo yohle ya ka; o nkgauhele ka pallo ya hao.

59. Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao.