BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:43-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. O se ke wa tlosa puo ya nnete molomong wa ka le ka mohla o le mong, hobane ke lebeletse dikahlolo tsa hao.

44. Ke tla boloka molao wa hao kamehla, le ka ho sa yeng kae, le ka ho sa feleng;

45. ke tla tsamaya tseleng e ahlameng, hobane ke batla ditemoso tsa hao.

46. Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong.

47. Ke tla ithabisa ka ditaelo tsa hao, tseo ke di ratang;

48. ke tla emisetsa ditaelo tsa hao matsoho a ka, hobane ke a di rata, ke nahane dikomelo tsa hao.

49. ZAIN. O elellwe pallo ya hao ho mohlanka wa hao, eo ke tshepisitsweng ka yona!

50. Tshediso ya ka bomadimabeng ba ka, ke hobane se boletsweng ke wena se mphedisitse.

51. Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao.

52. Jehova, ke elellwa dikahlolo tsa hao tsa kgale, ke a itshedisa.

53. Pelo ya ka e tshwarwa ke ho phophoma, ha ke bona ba babe ba tlohela molao wa hao.

54. Dikomelo tsa hao di hlahisa dipina tsa ka ka tlung ya boeti ba ka.