BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:30-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Ke ikgethetse tsela ya nnete, ke pheheletse ho bea molao wa hao pela mahlo a ka.

31. Ke kgomaretse dikeletso tsa hao: Jehova, etsa hore ke se ke ka hlabiswa dihlong!

32. Ke tla matha tseleng ya ditaelo tsa hao, ha o se o habolotse pelo ya ka.

33. HE. Jehova, o nthute tsela ya dikomelo tsa hao, ke tle ke tsamaye ka yona ho isa qetellong!

34. Mphe kutlwisiso, ke tle ke boloke molao wa hao, ke etse ka wona ka pelo ya ka yohle.

35. O ntsamaise ka tsela ya ditaelo tsa hao, hobane ke ithabisetsa tsona.

36. Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua.

37. O furallise mahlo a ka tadimong ya lefeela, o ntlhabollele ditseleng tsa hao.

38. O tiiseletse mohlanka wa hao pallo ya hao e etseditsweng ba o tshabang.

39. Suthisetsa sekgobo seo ke se tshabang hole le nna, hobane dikahlolo tsa hao di tletse molemo.

40. Bona, ke hlolohetswe ditemoso tsa hao; o mphedise ka ho loka ha hao!

41. VAU. Mehauhelo ya hao e ke e finyelle ho nna, Jehova, le poloko ya hao, ka pallo ya hao!

42. Ke tle ke tsebe ho fetola ya nkgobang, hobane ke itshepetse lentswe la hao.

43. O se ke wa tlosa puo ya nnete molomong wa ka le ka mohla o le mong, hobane ke lebeletse dikahlolo tsa hao.

44. Ke tla boloka molao wa hao kamehla, le ka ho sa yeng kae, le ka ho sa feleng;

45. ke tla tsamaya tseleng e ahlameng, hobane ke batla ditemoso tsa hao.