BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:3-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. ba sa etseng bokgopo, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae!

4. O re laetse ditemoso tsa hao hore re nne re di boloke haholoholo!

5. Oho! metsamao ya ka a e ke e tiiswe, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao,

6. ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle.

7. Ke tla o roka ka pelo e lokileng, ha ke ntse ke ithuta dikahlolo tsa ho loka ha hao.

8. Ke rata ho boloka dikomelo tsa hao: o se ke wa ntlohella ruri!

9. BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.

10. Ke o batla ka pelo ya ka yohle; o etse hore ke se ke ka kgeloha ditaelo tsa hao.