23. Esita le marena a dutse ho rera morero wa ho ntwantsha; mohlanka wa hao o nahana dikomelo tsa hao.
24. Dikeletso tsa hao le tsona ke menyaka ya ka le baeletsi ba ka.
25. DALETH. Moya wa ka o maname leroleng; ako mphedise ka lentswe la hao!
26. Ke o tsebisitse ditsela tsa ka, mme o nkutlwile; o nthute dikomelo tsa hao!
27. O ntshenolele tsela ya ditemoso tsa hao, mme ke tla nahanisisa mehlolo ya hao!
28. Moya wa ka o lliswa ke ho hlomoha; o ntsose ka lentswe la hao!