BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:167-174 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

167. Moya wa ka o boloka dikeletso tsa hao, ke di rata ka ho fetisisa.

168. Ke ntse ke etsa ka ditemoso le ka dikeletso tsa hao, hobane metsamao ya ka kaofela e pela mahlo a hao.

169. THAU. Jehova, mehoo ya ka a e ke e finyelle ho wena! O mphe kutlwisiso ka pallo ya hao.

170. Thapelo ya ka a e ke e fihle pela hao! o mpoloke ka pallo ya hao.

171. Melomo ya ka a e ke e tswe thoko, hobane o nthuta dikomelo tsa hao.

172. Leleme la ka a le rorise lentswe la hao, hobane ditaelo tsa hao kaofela ke ho loka.

173. Letsoho la hao a le ke le nthuse, hobane ke ikgethetse ditemoso tsa hao.

174. Jehvoa, ke hlolohetswe poloko ya hao, mme molao wa hao ke dithabiso tsa ka.