160. Kakaretso ya lentswe la hao ke nnete, dikahlolo kaofela tsa ho loka ha hao ke tse sa feleng.
161. SHIN. Marena a ntlhorisa feela; empa pelo ya ka e thothometswa ke mantswe a hao feela.
162. Ke ithabisa ka lentswe la hao, jwaloka motho ya ithabisang ka kgapo e kgolo.
163. Ke hloile, ke nyonya leshano; empa ke rata molao wa hao.
164. Ke o rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la dikahlolo tsa ho loka ha hao.
165. Ba ratang molao wa hao ba na le kgotso e kgolo, ha ho kgopiso ho bona.
166. Jehova, ke lebeletse poloko ya hao, ke ntse ke ya ka ditaelo tsa hao.
167. Moya wa ka o boloka dikeletso tsa hao, ke di rata ka ho fetisisa.
168. Ke ntse ke etsa ka ditemoso le ka dikeletso tsa hao, hobane metsamao ya ka kaofela e pela mahlo a hao.
169. THAU. Jehova, mehoo ya ka a e ke e finyelle ho wena! O mphe kutlwisiso ka pallo ya hao.
170. Thapelo ya ka a e ke e fihle pela hao! o mpoloke ka pallo ya hao.
171. Melomo ya ka a e ke e tswe thoko, hobane o nthuta dikomelo tsa hao.
172. Leleme la ka a le rorise lentswe la hao, hobane ditaelo tsa hao kaofela ke ho loka.
173. Letsoho la hao a le ke le nthuse, hobane ke ikgethetse ditemoso tsa hao.
174. Jehvoa, ke hlolohetswe poloko ya hao, mme molao wa hao ke dithabiso tsa ka.