BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:128-140 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

128. Ka baka leo, ke ntse ke fihlela hoba ditemoso tsa hao di lokile nthong tsohle; mme ke hloile ditsela tsa leshano kaofela.

129. PE. Dikeletso tsa hao di a makatsa, moya wa ka o di boloka ke hona.

130. Tshenolo ya mantswe a hao e a edisa, e nea dithoto kutlwisiso.

131. Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo; hobane ke jewa ke takatso ya ditaelo tsa hao.

132. O retelehele ho nna, o nkutlwele bohloko ka mokgwa wa hao oo o etsang ba ratang lebitso la hao ka wona!

133. O tiise maoto a ka lentsweng la hao, o se ke wa lesa bokgopo leha bo le bong bo mpuse!

134. O ntopolle botubong ba batho, ke tle ke boloke ditemoso tsa hao!

135. O edisetse sefahleho sa hao ho mohlanka wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.

136. Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!

137. TSADE. O lokile, Jehova; dikahlolo tsa hao le tsona di lokile;

138. o laetse dikeletso tsa hao ka ho loka le ka botshepehi bo boholo.

139. Tjheseho ya ka e ntjele, kahobane dira tsa ka di lebetse mantswe a hao.

140. Lentswe le hao le hlwekile ka ho fetisa, le ratwa ke mohlanka wa hao.