BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:126-133 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

126. E se e le nako ya hao ya ho sebetsa, Jehova, hobane ba fedisitse molao wa hao.

127. Ka baka leo, ke rata ditaelo tsa hao ho fetisa kgauta, le kgauta e tshekehileng.

128. Ka baka leo, ke ntse ke fihlela hoba ditemoso tsa hao di lokile nthong tsohle; mme ke hloile ditsela tsa leshano kaofela.

129. PE. Dikeletso tsa hao di a makatsa, moya wa ka o di boloka ke hona.

130. Tshenolo ya mantswe a hao e a edisa, e nea dithoto kutlwisiso.

131. Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo; hobane ke jewa ke takatso ya ditaelo tsa hao.

132. O retelehele ho nna, o nkutlwele bohloko ka mokgwa wa hao oo o etsang ba ratang lebitso la hao ka wona!

133. O tiise maoto a ka lentsweng la hao, o se ke wa lesa bokgopo leha bo le bong bo mpuse!