BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:107-119 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

107. Jehova, ke hlomohile haholo; o ke o mphedise kamoo lentswe la hao le boletseng kateng.

108. Jehova, ako amohele nyehelo ya ho rata, eo ke o beelang yona ka molomo wa ka, o nthute melao ya hao.

109. Bophelo ba ka bo beetswe ho timela ka matsatsi wohle; empa ha ke lebale molao wa hao.

110. Ba babe ba ntjhekela mamena, empa ha ke kgelohe ditemoso tsa hao.

111. Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.

112. Ke sekamisitse pelo ya ka, e tle e ye ka dikomelo tsa hao kamehla, ho isa qetellong.

113. SAMEK. Ke hloile mehopolo e dikadikang, empa ke rata molao wa hao.

114. O setshabelo sa ka le thebe ya ka; ke lebeletse pallo ya hao.

115. Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!

116. O ntiise ka pallo ya hao, ke tle ke phele, o se ke wa ntshwabisa tshepong ya ka!

117. O nkotle, ke tle ke bolokehe, dikomelo tsa hao di be pela mahlo a ka kamehla!

118. O lahla bohle ba kgelohang dikomelo tsa hao, hobane ho thetsa ha bona ke lefeelafeela.

119. O tlosa ba babe kaofela lefatsheng jwaloka lefilo; ke ka baka leo ke ratang dikeletso tsa hao.