BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 119:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!

2. Ho lehlohonolo ba bolokang dikeletso tsa hae, ba mmatlang ka pelo yohle ya bona,

3. ba sa etseng bokgopo, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae!

4. O re laetse ditemoso tsa hao hore re nne re di boloke haholoholo!

5. Oho! metsamao ya ka a e ke e tiiswe, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao,

6. ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle.

7. Ke tla o roka ka pelo e lokileng, ha ke ntse ke ithuta dikahlolo tsa ho loka ha hao.