BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 116:15-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ho leng thata mahlong a Jehova, ke lefu la bakgethehi ba hae.

16. Oho Jehova, ke mohlanka wa hao; ke mohlanka wa hao ka sebele, mora wa lekgabunyane la hao. O lokolotse ditlamo tsa ka.

17. Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova.

18. Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela,

19. mabaleng a ntlo ya Jehova, kahare ho wena, Jerusalema! Bokang Jehova!